Mofu Mahotetsa Zachariah Mothae ke mora wa Mme Mamaime Elisa Mothae ya seng a mo etelletse pele. O hlahetse Rosplaas Wesselsbron District ka selemo sa 1948/02/02. Ke ngwana wa bobedi lapeng la bana ba robedi ba bane ba se ba moetelletse pele.
A kena sekolo Kortlaagt Farm School ho fihlela sehlopheng sa bone. A qala ho sebetsa South African Railways (SAR) Allanridge, Welkom Millie Company, Taxi Industry Welkom a qetella Black–Top Road Construction Company.
Mofu o kene lenyalong le halalelang le Dimakatso Josephine Kopeli ka selemo sa 1976. Bahlohonolofatswa ka bana ba bane e leng Sello a seng a mo etelletse pele, moradi Madikgang, mora Shale, moradi Modiehi le ditloholo tse leshome le setlohowana se le seng.
Ntate Mothae o kutse ka nako e telele a ntse a tsamaya ho fihlela bohloko bo mototela a kena sepetlele ka di 10-08-2026. A siya lefatshe le ka kwano ka di 15-08-2026.
Tap below to light a memorial flame in loving remembrance of Ntate Mothae.
“I have fought the good fight, I have finished the race, I have kept the faith.”
— 2 Timothy 4:7 —